Yaba Saule o re ho mojari wa dihlomo tsa hae: “Nka sabole ya hao, o ntlhabe, esere maqai ana a fihla a nqetela, mme ka tlontloloha.”
Empa mojari wa dihlomo tsa hae a hana, hobane o ne a tshohile haholo. Ka baka leo, Saule a nka sabole ya hae, a itihela hodima yona. Ha mojari wa dihlomo tsa hae a bona hore Saule o shwele, le yena a itihela hodima sabole ya hae, ba shwa bobedi.