1
DIPESALEME 103:2
Sesotho 1909/1961 (SO)
Boka Jehova, moya wa ka, o se ke wa lebala ditshitso tsohle tsa hae!
Compare
Explore DIPESALEME 103:2
2
DIPESALEME 103:3-5
Ke yena ya tshwarelang makgopo a hao wohle, ya fodisang malwetse a hao kaofela. O lopolla bophelo ba hao lebitleng, o o rwesa lereko le mehauhelo hloohong. O kgorisa molomo wa hao ka tse molemo, mme botjha ba hao bo ntjhafala jwaloka ntsu.
Explore DIPESALEME 103:3-5
3
DIPESALEME 103:1
Boka Jehova, moya wa ka; tsohle tse ka ho nna a di ke di boke lebitso la hae le kgethehileng!
Explore DIPESALEME 103:1
4
DIPESALEME 103:13
Jwalokaha ntata motho a hauhela bana ba hae, Jehova o hauhela jwalo ba mo tshabang.
Explore DIPESALEME 103:13
5
DIPESALEME 103:12
Jwalokaha botjhabela bo le hole le bophirimela, o lahlela makgopo a rona jwalo hole le rona.
Explore DIPESALEME 103:12
6
DIPESALEME 103:8
Jehova o mohau, o lereko, o dieha ho halefa, o ruile mehauhelo e mengata.
Explore DIPESALEME 103:8
7
DIPESALEME 103:10-11
Ha a ka a re etsa kamoo dibe tsa rona di leng kateng, ha a ka a re putsa ka moputso wa makgopo a rona. Empa jwaloka lehodimo ha le phahamile hodimo ho lefatshe, mohau wa hae o moholo jwalo ho ba mo tshabang.
Explore DIPESALEME 103:10-11
8
DIPESALEME 103:19
Jehova o beile terone ya hae mahodimong, mme borena ba hae bo busa dintho tsohle.
Explore DIPESALEME 103:19
Home
Bible
Plans
Videos