1
DIPROVERBIA 27:17
Sesotho 1909/1961 (SO)
Tshepe e leotsa tshepe; sefahleho sa motho se leotsa sefahleho sa motswalle wa hae jwalo.
Compare
Explore DIPROVERBIA 27:17
2
DIPROVERBIA 27:1
O se ke wa ithorisa ka letsatsi la hosasane, hobane ha o tsebe se tla hlahiswa ke letsatsi leo.
Explore DIPROVERBIA 27:1
3
DIPROVERBIA 27:6
Maoma a etswang ke motswalle a tshepeha, empa dikako tsa ba o hloileng di a tshabeha.
Explore DIPROVERBIA 27:6
4
DIPROVERBIA 27:19
Jwalokaha sefahleho se iponang metsing se tshwana le sefahleho, pelo ya motho e tshwana jwalo le pelo ya motho e mong.
Explore DIPROVERBIA 27:19
5
DIPROVERBIA 27:2
Ya o rorisang e be e mong, e seng leleme la hao; e be osele ho wena, e seng molomo wa hao.
Explore DIPROVERBIA 27:2
6
DIPROVERBIA 27:5
Kgalemelo ya pepeneneng e ntle ho feta lerato le patwang.
Explore DIPROVERBIA 27:5
7
DIPROVERBIA 27:15
Metsi a rothang dintshing tsa marulelo a ntlo, a sa kgaotse mohla sekgohola, le mosadi ya dikomang, ke ntho e le nngwe.
Explore DIPROVERBIA 27:15
Home
Bible
Plans
Videos