1
DIPROVERBIA 17:17
Sesotho 1909/1961 (SO)
Motswalle wa motho o mo rata kamehla; e ba ngwanabo tlokotsing ya hae.
Compare
Explore DIPROVERBIA 17:17
2
DIPROVERBIA 17:22
Pelo e thabileng ke sehlare se matlafatsang; athe moya o hlomohileng o omeletsa masapo.
Explore DIPROVERBIA 17:22
3
DIPROVERBIA 17:9
Ya apesang molato o batla lerato; empa ya phunyang makunutu o fapanya batho ba ratanang.
Explore DIPROVERBIA 17:9
4
DIPROVERBIA 17:27
Ya itshwarang dipuong o tseba hlalefo, mme ya pelo e ikgutseditseng o na le kutlwisiso.
Explore DIPROVERBIA 17:27
5
DIPROVERBIA 17:28
Esita le lehlanya ha le kgutsa, le ka bitswa ya bohlale; ya itomang melomo ke motho ya kelello.
Explore DIPROVERBIA 17:28
6
DIPROVERBIA 17:1
Ho monate ho ja phate feela moo kgotso e leng teng, ho ena le ho dula tlung e tletseng dinama, moo dikomang di leng teng.
Explore DIPROVERBIA 17:1
7
DIPROVERBIA 17:14
Ho qala phapang ke ho phunya metsi; ka baka leo, kgang ha e eso ho hotele, o e tlohele.
Explore DIPROVERBIA 17:14
8
DIPROVERBIA 17:15
Ya hlatswang motho ya melato, le ya tswang motho ya se nang molato, ba babedi ba manyala ho Jehova.
Explore DIPROVERBIA 17:15
Home
Bible
Plans
Videos