1
MAREKA 4:39-40
Sesotho 1909/1961 (SO)
A tsoha, a kgalemela moya, a re ho lewatle: Kgutsa, o re tu! Yaba moya o a kgutsa, mme kgutso e kgolo ya eba teng. Yaba o re ho bona: Le boi keng hakalo? Le hloka keng tumelo?
Compare
Explore MAREKA 4:39-40
2
MAREKA 4:41
Mme ba tshaba ka tshabo e kgolo, ba bolellana, ba re: Na enwa ke mang na, ha a utluwa ke moya le ke lewatle?
Explore MAREKA 4:41
3
MAREKA 4:38
Yena o ne a le maraong, a robetse mosamong. Ba mo tsosa, ba re ho yena: Moruti, ana hase letho ho wena leha re timela na?
Explore MAREKA 4:38
4
MAREKA 4:24
A boela a re ho bona: Elang seo le se utlwang hloko. Tekanyo eo le lekanyang ka yona, le lona le tla lekanngwa ka yona; mme ho tla phaellelwa lona ba utlwang.
Explore MAREKA 4:24
5
MAREKA 4:26-27
Yaba o re: Mmuso wa Modimo o jwaloka motho ha a jadile peo tshimong. Leha a ka robala, leha a ka tsoha, motshehare le bosiu, peo e nne e mele, e be e hole, kamoo a sa tsebeng kateng.
Explore MAREKA 4:26-27
6
MAREKA 4:23
Ha motho a ena le ditsebe ho utlwa, a utlwe.
Explore MAREKA 4:23
Home
Bible
Plans
Videos