Ha le itima dijo, le se ke la sosobanya difahleho tsa lona, jwaloka baikaketsi; ba itshenya tshobotsi, ba tle ba bonahale ho batho hobane ba itima dijo. Kannete ke a le bolella, ke re: Ba se ba nkile moputso wa bona. Haele wena, enore ha o itima dijo, o itlotse hlooho, o iphotle sefahleho; o tle o se ke wa bonahala ho batho hobane o itima dijo, ho mpe ho tsejwe ke Ntatao ya sephiring; mme Ntatao ya bonang sephiring, o tla o putsa.