1
MATTHEU 14:30-31
Sesotho 1909/1961 (SO)
Empa ha a bona moya o le bohale, a tshoha, mme ha a qala ho teba, a howa, a re: Morena, mpholose! Jesu a phakisa a otlolla letsoho, a mo tshwara, a re ho yena: Motho ya tumelo e nyenyane, o belaeletseng?
Compare
Explore MATTHEU 14:30-31
2
MATTHEU 14:30
Empa ha a bona moya o le bohale, a tshoha, mme ha a qala ho teba, a howa, a re: Morena, mpholose!
Explore MATTHEU 14:30
3
MATTHEU 14:27
Empa Jesu a phakisa a bua le bona, a re: Betang dipelo, ke nna, se tshabeng.
Explore MATTHEU 14:27
4
MATTHEU 14:28-29
Petrose a mo araba, a re: Morena, haeba ke wena, laela hore ke tle ho wena hodima metsi. A re: Tloo! Yaba Petrose o tswa sekepaneng, a tsamaya hodima metsi, a ya ho Jesu.
Explore MATTHEU 14:28-29
5
MATTHEU 14:33
Yaba ba ka sekepaneng ba atamela, ba mo kgumamela, ba re: Efela o Mora Modimo ruri.
Explore MATTHEU 14:33
6
MATTHEU 14:16-17
Empa Jesu a re ho bona: Ha ba tshwanela ho tloha; ba fepeng e le lona. Ba re ho yena: Ha re na letho mona, haese mahobe a mahlano feela le dihlapi tse pedi.
Explore MATTHEU 14:16-17
7
MATTHEU 14:18-19
Yaba o re: Di tliseng mona ho nna. Eitse hobane a laele bongata ho dula hodima jwang, a nka mahobe a mahlano le dihlapi tse pedi, a lelala hodimo, a boka; a ntoo ngwatha mahobe, a a nea barutuwa ba hae, mme barutuwa ba a abela bongata.
Explore MATTHEU 14:18-19
8
MATTHEU 14:20
Mme ba eja bohle, ba kgora, ha ba ha thonakwa dingwathwana tse setseng, tsa tlatsa diroto tse leshome le metso e mmedi.
Explore MATTHEU 14:20
Home
Bible
Plans
Videos