1
MALAKIA 3:10
Sesotho 1909/1961 (SO)
Tlisang tlung ya polokelo karolo ya leshome ya tsohle tseo le di ruileng, dijo di tle di be teng tlung ya ka; le nteke kahoo, ho bolela Jehova wa makgotla, mme le bone ha nke ke ka le thibollela diphororo tsa lehodimo, ke be ke le tshollele hlohonolofatso ka tekanyo e fetisang!
Compare
Explore MALAKIA 3:10
2
MALAKIA 3:11-12
Ke tla le kgalemella sesedi, se tle se se ke sa le senyetsa dijo tsa lefatshe, mme morara o ke ke wa le phutsetsa naheng, ho bolela Jehova wa makgotla. Mme ditjhaba tsohle di tla re: Le ba lehlohonolo; hobane le tla ba lefatshe le kgahlehang, ho bolela Jehova wa makgotla.
Explore MALAKIA 3:11-12
3
MALAKIA 3:17-18
Jehova wa makgotla o re: Bana e tla ba ba ruilweng ke nna tsatsing le tla etswa ke nna; ke tla ba qenehela jwalokaha motho a qenehela mora wa hae ya mo sebeletsang. Le tla boela le bone, kamoo ho fapaneng ya lokileng le ya kgopo kateng, ya sebeletsang Modimo le ya sa o sebeletseng!
Explore MALAKIA 3:17-18
4
MALAKIA 3:1
Bonang, ke a roma lenqosa la ka, le tle le hleke tsela pela ka; mme hang, Morena eo le mmatlang o tla kena tempeleng ya hae, e leng lengeloi la selekane leo le le lakatsang. Bonang, o a tla, ho bolela Jehova wa makgotla.
Explore MALAKIA 3:1
Home
Bible
Plans
Videos