1
JAKOBO 3:17
Sesotho 1909/1961 (SO)
Empa bohlale bo tswang hodimo, taba ya bona ya pele, bo hlwekile, hape bo na le kgotso, bo bonolo, bo rekoloha kapele, bo tletse mohau le ditholwana tse monate, ha bo fetofetohe, ha bo na boiketsiso.
Compare
Explore JAKOBO 3:17
2
JAKOBO 3:13
O kae hara lona ya hlalefileng, ya rutehileng? A ke a bonahatse ka motsamao wa hae o motle mesebetsi ya hae ka mosa o tswalwang ke bohlale.
Explore JAKOBO 3:13
3
JAKOBO 3:18
Mme tholwana tsa ho loka di jallwa kgotsong ho ba etsang kgotso.
Explore JAKOBO 3:18
4
JAKOBO 3:16
Hobane moo mona le kgang di leng teng, ke moo ho leng moferefere le mesebetsi yohle e mebe.
Explore JAKOBO 3:16
5
JAKOBO 3:9-10
Ka lona, re ye re boke Modimo Ntate; ka lona hape, re rohake batho ba entsweng ka setshwantsho sa Modimo. Molomong o le mong ho tswa poko le thohako! Banabeso, taba ha di a tshwanela ho dula jwalo.
Explore JAKOBO 3:9-10
6
JAKOBO 3:6
Le lona leleme ke mollo, ke naha ya bokgopo; mokgwa wa leleme hara ditho tsa rona, ke ho silafatsa mmele kaofela, ke ho kenya kganare tseleng yohle ya kgolo ya motho, etswe le hoteditswe ke mollo wa dihele.
Explore JAKOBO 3:6
7
JAKOBO 3:8
Haele leleme, tjhe, lona ha ho motho ya tsebang ho le thapisa; ke bobe bo sa hlolweng; le tletse mahloko a bolayang.
Explore JAKOBO 3:8
8
JAKOBO 3:1
Banabeso, le se ke la ipea baruti kaofela, le tswe le tseba le tseba hobane ke moo re tla hlahelwa ke kahlolo e fetisang ka bothata.
Explore JAKOBO 3:1
Home
Bible
Plans
Videos