1
BAHEBERU 9:28
Sesotho 1909/1961 (SO)
ka mokgwa o jwalo, le yena Kreste, ha a setse a ikentse pheko hang ho jara dibe tsa ba bangata, o tla bonwa la bobedi, a se na sebe, ke ba mo lebeletseng hore a ba pholose.
Compare
Explore BAHEBERU 9:28
2
BAHEBERU 9:14
ana haele madi a Kreste, ya itlhahisitseng ho Modimo ka Moya wa kamehla yohle, e le pheko e se nang letheba, madi ao a tla hlatswa matswalo a lona hakakang mesebetsing e shweleng, hore le tle le sebeletse Modimo o phelang!
Explore BAHEBERU 9:14
3
BAHEBERU 9:27
Mme jwalokaha ho laetswe hoba batho bohle ba shwe hang, ho ntoo ba kahlolo
Explore BAHEBERU 9:27
4
BAHEBERU 9:22
Mme ka molao, dintho tse hlatsuwang ka madi e batla e eba tsohle, mme ha madi a sa tsholohe, ha ho teselo ya dibe.
Explore BAHEBERU 9:22
5
BAHEBERU 9:15
Ke ka baka leo Kreste e leng mmuelli wa selekane se setjha, hore lefu la hae ha le kenetse ho hlatswa ditlolo tse entsweng mehleng ya selekane sa pele, ba bitsitsweng ba fuwe lefa le sa feleng leo ba le baletsweng.
Explore BAHEBERU 9:15
Home
Bible
Plans
Videos