bona, hosasa, ka nako ena, ke tla nesa sefako se seholo ka ho fetisisa, seo ho esong ho be se jwalo Egepeta, haesale e eba teng ho fihlela la kajeno. Romela jwale, o balehise mehlape ya hao, le tsohle tsa hao tse naheng, hobane batho bohle le diphoofolo tse fihlelwang naheng, tse sa kang tsa phuthelwa matlung, sefako se tla di otla, mme di tla shwa.