o edise mahlo a dipelo tsa lona, le tle le tsebe tshepo e leng teng pitsong ya wona le monono wa kganya ya lefa la wona hara bahalaledi; le tsebe le boholo bo sa lekanngweng ba matla a wona ho rona ba dumetseng, ka tshebetso ya matla a wona a sa sitweng ke letho; ao o sebeditseng ka wona ho Kreste, ha o mo tsosa bafung, wa ba wa mo dudisa letsohong le letona la wona, mahodimong, kahodima boholo bohle, le puso yohle, le matla wohle, le borena bohle, le mabitso wohle a ka bitswang, e seng lefatsheng lena feela, empa e leng le ho le tlang ho tla.