1
MOEKLESIA 11:9
Sesotho 1909/1961 (SO)
Mohlankana, thabela botjha ba hao, mme pelo ya hao e ke e o nyakalatse matsatsing a botjha ba hao, o tsamaye ka dithato tsa pelo ya hao le ka tjhadimo ya mahlo a hao
Compare
Explore MOEKLESIA 11:9
2
MOEKLESIA 11:10
leha ho le jwalo, o nne o tsebe hoba Modimo o tla o ahlola ka tseo tsohle. Suthisa maswabi pela pelo ya hao, o bee bolotsana hole le mmele wa hao; hobane bongwana le botjha ke lefeela!
Explore MOEKLESIA 11:10
3
MOEKLESIA 11:4
Ya elang moya hloko a ke ke a jala, ya tadimang maru a ke ke a kotula.
Explore MOEKLESIA 11:4
4
MOEKLESIA 11:5
Jwalokaha o sa tsebe tsela ya moya, leha e le kamoo masapo a bopjwang popelong ya mosadi ya emereng kateng, ho jwalo ha o tsebe mosebetsi wa Modimo o etsang tsohle.
Explore MOEKLESIA 11:5
5
MOEKLESIA 11:6
Jala peo ya hao e sa le hosasa, matsoho a hao o se ke o a a neela sebaka mantsiboya; hobane ha o tsebe hoba ho tla mela ntho efe, kapa ena, kapa eno, kapa ha ekaba di tla mela hantle tse pedi.
Explore MOEKLESIA 11:6
6
MOEKLESIA 11:2
Bo arolele batho ba supileng, leha ba ka roba meno e le mmedi, hobane ha o tsebe tlokotsi e ka hlahang lefatsheng.
Explore MOEKLESIA 11:2
Home
Bible
Plans
Videos