1
I PETROSE 5:7
Sesotho 1909/1961 (SO)
Lahlelang dipelaelo tsohle tsa lona hodima wona; hobane o a le hlokomela.
Compare
Explore I PETROSE 5:7
2
I PETROSE 5:10
Empa Modimo wa mehauhelo yohle, o re bileditseng ka Jesu Kreste ho rua kganya ya wona e sa feleng, ha le se le utlwile bohloko ka ditshiuana, o tla le etsa ba phethehileng, o le tiise, o le fe matla, o le thee.
Explore I PETROSE 5:10
3
I PETROSE 5:8-9
Le tsohe masene, le fadimehe; hobane Diabolose, e leng sera sa lona, o ntse a dikadika jwaloka tau e purumang, e batlang eo e ka mo jang. Hanang ho yena ka ho tiya tumelong, le ntse le tseba hobane dihloreho di le ding le tsena di ntse di hlahela banababo lona ba lefatsheng.
Explore I PETROSE 5:8-9
4
I PETROSE 5:6
Ka baka leo, le ke le ikokobetse katlasa letsoho le matla la Modimo, o tle o le phahamise nakong e tshwanelang.
Explore I PETROSE 5:6
5
I PETROSE 5:5
Le lona ba batjha, ipeeng katlase ho ba baholo, mme le apare bohle boikokobetso, le ntse le ipea e mong katlase ho e mong; hobane Modimo o hanela ba ikgohomosang, empa o hauhela ba ikokobetsang.
Explore I PETROSE 5:5
Home
Bible
Plans
Videos