1
I BAKORINTHE 15:58
Sesotho 1909/1961 (SO)
SSO61-SO
Ka baka leo, banabeso ba ratwang, tiyang matla, le se ke la sisinyeha, mme le nne le eketse kamehla ho sebeletsa Morena, le ntse le tseba hobane mosebetsi wa lona e ke ke ya eba wa lefeela Moreneng.
Compare
Explore I BAKORINTHE 15:58
2
I BAKORINTHE 15:57
A re leboheng Modimo o re neileng ho hlola ka Morena wa rona Jesu Kreste!
Explore I BAKORINTHE 15:57
3
I BAKORINTHE 15:33
Le se ke la lahleha: ditlwaelano tse mpe di bodisa mekgwa e metle.
Explore I BAKORINTHE 15:33
4
I BAKORINTHE 15:10
Empa ke ka mohau wa Modimo ke leng seo ke leng sona; mme mohau wa wona ho nna ha o a ka wa eba lefeela; empa, ke ba fetisitse bohle hole ka ho sebetsa; empa e seng nna, e leng mohau wa Modimo o ho nna.
Explore I BAKORINTHE 15:10
5
I BAKORINTHE 15:55-56
Na lefu, tsenene ya hao e kae na? Wena lebitla, ho hlola ha hao ho kae na? Tsenene ya lefu ke sebe, mme matla a sebe ke molao.
Explore I BAKORINTHE 15:55-56
6
I BAKORINTHE 15:51-52
Bonang, ke le bolella sephiri: ha re ka ke ra robala bohle, empa re tla fetoha bohle, hang, ka ho panya ha leihlo, ka terompeta ya morao; hobane terompeta e tla lla, mme bafu ba tla tsoha, ba se ke ba boela ba bola, mme le rona re tla fetoha.
Explore I BAKORINTHE 15:51-52
7
I BAKORINTHE 15:21-22
Hobane lefu ha le hlahile ka motho, tsoho ya bafu le yona e hlahile ka motho. Hobane jwalokaha bohle ba eshwa ka Adama, bohle le jwale ba tla boela ba phele ka Kreste.
Explore I BAKORINTHE 15:21-22
8
I BAKORINTHE 15:53
Hobane e ka kgona ho bolang hona ho apare ho sa boleng, le ho shwang hona ho apare ho sa shweng.
Explore I BAKORINTHE 15:53
9
I BAKORINTHE 15:25-26
Hobane e ka kgona a buse, a tle a be a bee dira tsohle katlasa maoto a hae. Sera se tlang ho fediswa moraorao ke lefu.
Explore I BAKORINTHE 15:25-26