Лого на YouVersion
Иконка за търсене

Mattheu 8

8
Mattheu 8
1Ha a theoha thabeng, matshwele a maholo a mo latela.
2Mme bonang, ha tla molepera, a kgumama, a re: Morena, ha o rata, o ka ntlhwekisa.
3Jesu a otlolla letsoho, a mo ama, a re: Ke a rata; o hlweke. Mme lepera la hae hanghang la ntlafala.
4Jesu a re ho yena: Bona, o se ke wa bolella motho; o mpe o tsamaye, o ipontshe ho moprista, mme o hlahise neo e laetsweng ke Moshe, e tle e be bopaki ho bona.
5Eitse ha Jesu a kena Kapernauma, ha tla ho yena molaodi wa lekgolo, a mo rapela.
6A re: Morena, mohlanka wa ka o robetse hae, o shwele ditho, a hlokofaditswe haholo.
7Jesu a re ho yena: Ke tla tla, ke mo fodise.
8Molaodi wa lekgolo a araba, a re: Morena, ha ke a tshwanela hore o kene tlasa marulelo a ka;
9Hobane nna, ke motho ya taolong, ke na le bahlabani ba katlasa ka; le ho e mong, Tloo, a tle; le ho mohlanka wa ka, Etsa sena, mme o a se etsa.
10Jesu ha a utlwa, a hlollwa, a re ho ba mo latelang: Kannete ke a le bolella, ha ke eso ho bone tumelo e kalo, leha e le Iseraeleng.
11Ke re ho lona: Ba bangata ba tla tswa botjhabela le bophirimela, ba dule le Abrahama, le Isaaka, le Jakobo, mmusong wa mahodimo.
12Empa bana ba mmuso ba tla lahlelwa lefifing le kantle; teng ho tla ba dillo le ditsikitlano tsa meno.
13Jesu a re ho molaodi wa lekgolo: “Tsamaya; mme ho etswe ho wena kamoo o dumetseng kateng. Mme mohlanka wa hae a fola ka yona nako eo.
14Jesu ha a fihla tlung ya Petrose, a bona mohwehadi wa hae a robetse, a tshwerwe ke feberu.
15Yaba o ama letsoho la hae, mme feberu ya mo tlohela, mme a tsoha, a ba sebeletsa.
16Eitse ha e se e le mantsiboya, ha tliswa ho yena ba bangata ba nang le batemona;
17e le hore ho tle ho etsahale ho boletsweng ke moporofeta Esaia, ha a re: O nkile mefokolo ya rona, mme a jere malwetse a rona.
18Yare ha Jesu a bona matshwele a maholo a mo teetse hare, a laela hore ba tshelele mose wane.
19Mongodi e mong a tla, a re ho yena: Moruti, ke tla o latela hohle moo o yang teng.
20Jesu a re ho yena: Diphokojwe di na le mesima, le dinonyana tsa lehodimo di na le dihlaha; empa Mora motho ha a na moo a ka samelang hlooho teng.
21E mong wa barutuwa ba hae a re ho yena: Morena, ntumelle hore ke ye ho pata ntate pele.
22Jesu a re ho yena: Ntatele; mme o lese bafu ba epele bafu ba bona.
23Eitse hobane a kene sekepeng, barutuwa ba hae ba mo latela.
24Mme bonang, ha tsoha sefefo se seholo lewatleng, hoo sekepana se ileng sa aparelwa ke maqhubu a lewatle, empa yena o ne a robetse.
25Barutuwa ba hae ba tla ho yena, ba mo tsosa, ba re: Morena, re pholose!
26A re ho bona: Lona ba tumelo e nyenyane, le tshohile keng? Yaba o a tsoha, a kgalemela meya le lewatle; mme ha eba le kgutso e kgolo.
27Empa banna bao ba makala, ba re: Enwa ke motho wa jwang eo le meya le lewatle di mo utlwang?
28Eitse ha a fihla mose wane, naheng ya Bagadara, a kgahlana le ba babedi ba nang le batemona, ba etswa mabitleng, ba le bohale bo feteletseng, hoo ho neng ho se motho ya fetang ka tsela eo.
29Mme bonang, ba howa, ba re: Re na le taba efe le wena, Mora Modimo? A o tlile kwano ho tla re hlokofatsa pele ho nako?
30Ho ne hole le bona mohlape wa dikolobe tse ngata o fula.
31Yaba batemona ba mo rapela, ba re: Ha o ka re leleka, re dumelle hore re ye mohlapeng wa dikolobe.
32A re ho bona: Eyang. Yare ha di etswa, tsa kena mohlapeng wa dikolobe, mme, bonang, mohlape wohle wa dikolobe wa mathela moepa lewatleng, wa shwela metsing.
33Badisa ba baleha, ba ya motseng, ba bolela tsohle, le tse hlahetseng ba neng ba ena le batemona.
34Mme bonang, motse wohle wa tswa ho ya kgahlanyetsa Jesu;

Избрани в момента:

Mattheu 8: SothoNT

Маркирай стих

Споделяне

Копиране

None

Искате ли вашите акценти да бъдат запазени на всички ваши устройства? Регистрирайте се или влезте